1 Diketsahalo 7:17-28 BIBELE (SSO89SO)

17. Mora wa Ulame e ne e le Bedane. Bana e ne e le bona ditloholo tsa Gileade, mora wa Makiri, setloholo sa Manase.

18. Kgaitsedi ya Gileade, Hamolekete, a tswala Ishe-Hode, le Abiesere, le Mahala.

19. Bara ba Shemida e ne e le Akiane, le Shekeme, le Lekehi, le Aniame.

20. Mora wa Efraime e ne e le Shutela. Shutela a tswala Berede, Berede a tswala Elada, Elada a tswala Tahate,

21. Tahate a tswala Sabada, Sabada a tswala Shutela. Efraime o ne a ena le bara ba bang ba babedi, e leng Esere le Elade, ba neng ba bolawe ke banna ba matswallwa a Gate, ha ba ne ba ilo hapa mehlape ya bona.

22. Ntata bona Efraime a ba llela ka nako e telele, mme bana babo ba tla ho tla mo tshedisa.

23. Efraime a boela a kena dikobong tsa mosadi wa hae. Mosadi eo wa hae a ithwala, mme a tswala mora. Efraime a mo rea lebitso le Beria, hobane lelapa la hae le ne le hlahetswe ke bomadimabe.

24. Moradi wa Efraime e ne e le Sheera ya ileng a haha Bete-Horone e tlase, le e hodimo, le Usene-Sheera.

25. Mora e mong wa Efraime e ne e le Refa. Refa a tswala Reshefe, Reshefe a tswala Tela, Tela a tswala Tahane,

26. Tahane a tswala Ladane, Ladane a tswala Amihude, Amihude a tswala Eleshama,

27. Eleshama a tswala Nune, Nune a tswala Joshua.

28. Naha ya bona, eo ba neng ba ahile ho yona, e ne e le Bethele le metsana ya yona. Ka botjhabela e le Naarane, ka bophirimela e le Gesere le metsana ya yona, le Shekeme le metsana ya yona, le ho ya fihla Aya le metsaneng ya yona.

1 Diketsahalo 7