1 Diketsahalo 6:77-81 BIBELE (SSO89SO)

77. Naheng ya ba morabe wa Sebulone, karolo e setseng ya ba morabe wa Merari ya abelwa Rimone le makgulo a yona, le Tabore le makgulo a yona.

78. Mose wane ho Jorodane, ka botjhabela ho Jeriko, naheng ya ba morabe wa Rubene, ba abelwa Besere e lehwatateng le makgulo a yona, le Jahasa le makgulo a yona,

79. Le Kedemote le makgulo a yona, le Mefaata le makgulo a yona.

80. Naheng ya ba morabe wa Gade ba abelwa Rama e Gileade le makgulo a yona, le Mahanaime le makgulo a yona,

81. le Heshebone le makgulo a yona, le Jasere le makgulo a yona.

1 Diketsahalo 6