62. Ditloholo tsa Gereshone, ho ya ka malapa abo tsona, tsa abelwa metse e leshome le metso e meraro naheng ya ba morabe wa Isakare, le ho ya ba morabe wa Ashere, le ho ya ba morabe wa Nafthali, le ho ya ba morabe wa Manase, ba ahileng Bashane.
63. Ditloholo tsa Merari, ho ya ka malapa abo tsona, tsa abelwa metse e leshome le metso e mmedi naheng ya ba morabe wa Rubene, le wa Gade, le wa Sebulone, tsa e abelwa ka lotho.
64. Bana ba Iseraele ba abela Balevi metse ena le makgulo a yona.
65. Metse ena e seng e boletswe ka mabitso, e neng e le ya ba morabe wa Juda, le wa Simeone, le wa Benjamine, ba e abelwa ka lotho.
66. Ba bang ba morabe wa Kohate ba abelwa metse naheng ya ba morabe wa Efraime.
67. Ba abelwa metse eo ho tshabelwang ho yona, e leng Shekeme e naheng e maralla ya Efraime, le makgulo a yona, le Gesere le makgulo a yona,
68. le Jokomeame le makgulo a yona, le Bete-Horone le makgulo a yona;
69. le Aiyalone le makgulo a yona, le Gate-Rimone le makgulo a yona.
70. Naheng e abetsweng karolo ya ba morabe wa Manase ba abelwa Anere le makgulo a yona, le Bileame le makgulo a yona. Metse ena ya abelwa malapa a setseng a ba morabe wa Kohate.
71. Ba morabe wa Gereshone ba abelwa metse ena: Naheng e abetsweng karolo ya ba morabe wa Manase ba abelwa Golane e Bashane le makgulo a yona, le Ashetorate le makgulo a yona.
72. Naheng e abetsweng ba morabe wa Isakare ba abelwa Kedeshe le makgulo a yona, le Daberate le makgulo a yona,