59. le Ashane le makgulo a yona, le Bete-Shemeshe le makgulo a yona.
60. Naheng ya ba morabe wa Benjamine ba abelwa Geba le makgulo a yona, le Alemete le makgulo a yona, le Anatote le makgulo a yona.Kaofela metse ya bona, ho ya ka malapa abo bona, e ne le leshome le metso e meraro.
61. Ba bang ba morabe wa Kohate ba abelwa ka lotho metse e leshome naheng e abetsweng karolo ya ba morabe wa Manase.
62. Ditloholo tsa Gereshone, ho ya ka malapa abo tsona, tsa abelwa metse e leshome le metso e meraro naheng ya ba morabe wa Isakare, le ho ya ba morabe wa Ashere, le ho ya ba morabe wa Nafthali, le ho ya ba morabe wa Manase, ba ahileng Bashane.
63. Ditloholo tsa Merari, ho ya ka malapa abo tsona, tsa abelwa metse e leshome le metso e mmedi naheng ya ba morabe wa Rubene, le wa Gade, le wa Sebulone, tsa e abelwa ka lotho.
64. Bana ba Iseraele ba abela Balevi metse ena le makgulo a yona.
65. Metse ena e seng e boletswe ka mabitso, e neng e le ya ba morabe wa Juda, le wa Simeone, le wa Benjamine, ba e abelwa ka lotho.
66. Ba bang ba morabe wa Kohate ba abelwa metse naheng ya ba morabe wa Efraime.