48. Balevi ba bang ba ne ba abetswe mesebetsi e meng yohle ka Tenteng ya Morena.
49. Bo-Arone le ditloholo tsa hae e ne e le bona ba etsetsang nyehelo ya setjheso hodima aletare ya mahlabelo, ba tjhesetsang le mokubetso hodima aletare ya mokubetso. Ba ne ba bile ba etsa tsohle tse neng di etswa ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, ba etsetsa Iseraele tefelo ya dibe, ho latela tsohle tseo Moshe, mohlanka wa Modimo, a neng a di laetse.
50. Bana ke bara ba Arone: Arone a tswala Eleasare, Eleasare a tswala Finease, Finease a tswala Abishua,
51. Abishua a tswala Buki, Buki a tswala Usi, Usi a tswala Seraya,
52. Seraya a tswala Meraote, Meraote a tswala Amariya, Amariya a tswala Ahitube,
53. Ahitube a tswala Sadoke, Sadoke a tswala Ahimase.
54. Ena ke meedi ya dibaka tseo ba morabe wa Kohate, e leng ditloholo tsa Arone, ba ileng ba di abelwa ka lotho, mme ba haha ho tsona.
55. Ba ile ba abelwa Heborone e naheng ya Juda, le makgulo a e potapotileng.
56. Empa ha e le masimo a motse le metsana ya yona, a ile a abelwa Kalebe, mora wa Jefune.
57. Bara ba Arone ba newa metse ena e naheng ya Juda: Heborone, motse oo ho tshabelwang ho wona, le Lebena le makgulo a yona, le Jatire le makgulo a yona, le Eshetemoa le makgulo a yona,
58. le Hilene le makgulo a yona, le Debiri le makgulo a yona,