1 Diketsahalo 6:47-51 BIBELE (SSO89SO)

47. Shemere mora wa Mahele, Mahele mora wa Mushi, Mushi mora wa Merari, Merari mora wa Levi.

48. Balevi ba bang ba ne ba abetswe mesebetsi e meng yohle ka Tenteng ya Morena.

49. Bo-Arone le ditloholo tsa hae e ne e le bona ba etsetsang nyehelo ya setjheso hodima aletare ya mahlabelo, ba tjhesetsang le mokubetso hodima aletare ya mokubetso. Ba ne ba bile ba etsa tsohle tse neng di etswa ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, ba etsetsa Iseraele tefelo ya dibe, ho latela tsohle tseo Moshe, mohlanka wa Modimo, a neng a di laetse.

50. Bana ke bara ba Arone: Arone a tswala Eleasare, Eleasare a tswala Finease, Finease a tswala Abishua,

51. Abishua a tswala Buki, Buki a tswala Usi, Usi a tswala Seraya,

1 Diketsahalo 6