1 Diketsahalo 6:24-37 BIBELE (SSO89SO)

24. Asire a tswala Tahate, Tahate a tswala Uriele, Uriele a tswala Usiya, Usiya a tswala Shaule.

25. Bara ba Elekana ke Amasai le Ahimote;

26. Ahimote a tswala Elekana, Elekana a tswala Sofai, Sofai a tswala Nahate,

27. Nahate a tswala Eliabe, Eliabe a tswala Jerohame, Jerohame a tswala Elekana, Elekana a tswala Samuele.

28. Bara ba Samuele: Joele ke letsibolo la hae, a hlahlangwa ke Abiya.

29. Bara ba Merari: Merari a tswala Mahele, Mahele a tswala Lebeni, Lebeni a tswala Shimei, Shimei a tswala Usa,

30. Usa a tswala Shima, Shima a tswala Hagiya, Hagiya a tswala Asaya.

31. Bana ke banna bao Davida a ileng a ba kgetha ho tsamaisa mmino ka Tempeleng ya Morena, kamora hoba areka e fihle Jerusalema.

32. Ha Solomone a eso ka a haha Tempele ya Morena, Jerusalema, ba ne ba ye ba binele kapele ho areka, ka Tenteng ya Morena. Ba ne ba bina ka ho hlahlamana, ho latela lenane le neng le hlophisitswe.

33. Bana ke bona banna ba neng ba sebeletsa, hammoho le bara ba bona: Ba morabe wa Kohate: Hemane wa kgeleke ke mora wa Joele, setloholo sa Samuele,

34. Samuele mora wa Elekana, Elekana mora wa Jerohame, Jerohame mora wa Eleele, Eleele mora wa Towa,

35. Towa mora wa Sufe, Sufe mora wa Elekana, Elekana mora wa Mahate, Mahate mora wa Amasai,

36. Amasai mora wa Elekana, Elekana mora wa Joele, Joele mora wa Asariya, Asariya mora wa Sofonea,

37. Sofonea mora wa Tahate, Tahate mora wa Asire, Asire mora wa Abiasafo, Abiasafo mora wa Kora,

1 Diketsahalo 6