10. Johanane a tswala Asariya. Enwa ke yena ya neng a sebeletsa ka Tempeleng eo Solomone a ileng a e haha Jerusalema.
11. Asariya a tswala Amariya, Amariya a tswala Ahitube,
12. Ahitube a tswala Sadoke, Sadoke a tswala Shalome,
13. Shalome a tswala Hilekiya, Hilekiya a tswala Asariya,
14. Asariya a tswala Seraya, Seraya a tswala Jehosadaka.
15. Jehosadaka ya eba mothopuwa ha Morena a etsa hore Nebukadenesare a thope Juda le Jerusalema.
16. Bana ke bara ba Levi: Gereshone, le Kohate, le Merari.
17. Ana ke mabitso a bara ba Gereshone: Lebeni, le Shimei.
18. Bana ke bara ba Kohate: Amorame, le Isihare, le Heborone, le Usiele.