11. Kelobe, ngwanabo Shuha, a tswala Mehire, Mehire a tswala Eshetone,
12. Eshetone a tswala Bete-Rafa, le Paseya, le Tehina, Tehina a tswala Ire-Nahashe. Bana ke bona baahi ba Reka.
13. Bana ke bara ba Kenase: Oteniele, le Seraya. Bara ba Oteniele ke Hatate le Meonotai.
14. Meonotai a tswala Ofera. Seraya a tswala Joabe. Joabe a thea motse o bitswang Kgohlo ya Ditsebi, hobane baahi ba wona e ne e le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho.
15. Bana ke bara ba Kalebe, mora wa Jefune: Iru, le Ela, le Naame. Mora wa Ela ke Kenase.
16. Bana ke bara ba Jehalelele: Sife, le Sifa, le Tiriya, le Asarele.
17. Bana ke bara ba Esera: Jetere, le Merede, le Efere, le Jalone, Merede a nyala Bitiya, moradi wa Faro, mme a mo tswalla moradi ya bitswang Meriama, le bara ba babedi, Shamai le Jisheba. Jisheba ke yena mothei wa Eshetemoa.
18. Mosadi wa hae wa Mojuda a tswala Jerede ya ileng a thea Gedore, le Hebere ya ileng a thea Soko, le Jekutiele ya ileng a thea Sanowa.