1 Diketsahalo 4:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Bana ke bara ba Juda: Perese, le Heserone, le Karimi, le Hure, le Shobale.

2. Reaya, mora wa Shobale, a tswala Jahate, Jahate a tswala Ahumai le Lahade. Ena ke yona merabe ya Basora.

3. Bana ke bara ba Etame: Jesereele, le Jishema, le Jidebashe. Lebitso la kgaitsedi ya bona ke Haseleleponi.

4. Penuele a tswala Gedore. Esere a tswala Husha. Bana ke bona bara ba Hure, letsibolo la Eferata, ya ileng a thea Betlelehema.

5. Ashehure ya ileng a thea Tekowa, o ne a ena le basadi ba babedi, e leng Hela le Naara.

6. Naara a mo tswalla Ahusame, le Hefere, le Temeni, le Hahashatari. Bana ke bara ba Naara.

7. Bara ba Hela ke Serete, le Sohare, le Etenane,

8. le Kose, ya ileng a tswala Anube, le Hasobeba, le ba morabe wa Aharahele, mora wa Harume.

1 Diketsahalo 4