1 Diketsahalo 3:1-17 BIBELE (SSO89SO)

1. Bana ke bara bao Davida a ileng a ba tswala ha a le Heborone. Mora wa hae wa matsibolo ke Amanone, ya tswetsweng ke Ahinoame wa Mojesereele; wa bobedi ke Daniele, ya tswetsweng ke Abikaele wa Mokaramele;

2. wa boraro ya eba Abosalome, mora wa Maaka, moradi wa Talamai, kgosi ya Gesure; wa bone ya eba Adoniya, mora wa Hagite;

3. wa bohlano ya eba Shefatiya, mora wa Abitale; wa botshelela ya eba Jitereame, wa mosadi wa hae ya bitswang Egela.

4. Bana ba tsheletseng ba ile ba tswallwa Heborone, moo Davida a ileng a busa a le hona teng ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng. A busa ka dilemo tse mashome a mararo a metso e meraro a le Jerusalema.

5. Bana ba ile ba tswalwa ha a se a le Jerusalema: Shima, le Shobabe, le Nathane, le Solomone. Bana ba bane ba ile ba tswalwa ke Batesheba, moradi wa Amiele.

6. Ba bang e ne e le bo-Jibehare, le Eleshua, le Elipelete,

7. le Noga, le Nefege, le Jafia,

8. le Eleshama, le Eleada, le Elefelede, mme bona ba le robong.

9. Bana kaofela e ne e le bara ba Davida, kantle ho bara bao a ba tswaletsweng ke basadi ba hae ba mafielo. Kgaitsedi ya bona e ne e le Tamare.

10. Mora wa Solomone e ne e le Rehoboame. Rehoboame a tswala Abiya, Abiya a tswala Asa, Asa a tswala Jehoshafate,

11. Jehoshafate a tswala Jehorame, Jehorame a tswala Akasiya, Akasiya, a tswala Jowashe,

12. Jowashe a tswala Amasiya, Amasiya a tswala Asariya, Asariya a tswala Jotame,

13. Jotame a tswala Akase, Akase a tswala Hesekiya, Hesekiya a tswala Manase,

14. Manase a tswala Amona, Amona a tswala Josiya.

15. Bara ba Josiya ke: Johanane, letsibolo la hae, wa bobedi ya eba Jehoyakime, wa boraro ya eba Sedekiya, wa bone ya eba Shalome.

16. Bara ba Jehoyakime e ne e le Jekoneya le Sedekiya.

17. Bara ba Jekoneya, ya ileng a thopuwa, a iswa Babilona, e ne e le Shealetiele,

1 Diketsahalo 3