7. Bakeng sa mesebetsi ya Tempele ya Modimo ba fana ka kgauta eo boima ba yona bo fetang dithane tse lekgolo le mashome a supileng, le silefera eo boima ba yona bo fetang dithane tse makgolo a mararo le mashome a mane, le lethose le etsang boima bo ka bang dithane tse makgolo a tsheletseng le mashome a mabedi, le tshepe eo boima ba yona bo fetang dithane tse dikete tse tharo le makgolo a mane.
8. Ba neng ba ena le majwe a bohlokwa ba a abela letlole la Tempele ya Morena le neng le hlokomelwa ke Jehiele wa Mogereshone.
9. Setjhaba sa nyakalla, hobane bao ba ne ba ithaopetse ho fana, mme ba efa Morena ka dipelo tsa bona tsohle. Kgosi Davida le yena a thaba haholo.
10. Davida a rorisa Morena moo setjhaba sohle se leng teng, a re:“Kamehla le mehlaho roriswe wena,Morena Modimo wa ntata rona,wa ntata rona Iseraele.
11. Boholo, le matla, le tlotlake tsa hao, Morena,le tlholo, le botlotlehi.Tsohle tse lehodimong le lefatshengke tsa hao;mmuso ke wa hao, Morena,ke wena hlooho,o phahametse tsohle.
12. Maruo le hlompho di tswa ho wena,tsohle di buswa ke wena;tsoho la hao le matla, le sefea,ho phahamisa le ho matlafatsa bohle.
13. Re a o leboha Modimo wa rona,re rorisa lebitso la haole tlotlehang.
14. “Empa nna ke mang? Tjhaba sa ka sona ke eng, hoo re ka ithaopelang ho fana hakaalekaale? Tsohle ke tsa hao, mme tseo re faneng ka tsona di tswa ho wena.
15. Mahlong a hao re baeti le bajaki, jwaloka bo-ntata rona bohle. Matsatsi a rona, lefatsheng mona, a jwaloka seriti, mme ha ho ya nang le tshepo.
16. Oho, Morena Modimo wa rona, dintho tsena tsohle, tseo re di lokiseditseng ho o hahela Tempele ka tsona, ho tlotla lebitso la hao le halalelang, di tswa ho wena, ke tsa hao.