1 Diketsahalo 29:24-30 BIBELE (SSO89SO)

24. Mahosana wohle, le bahale, le bara bohle ba kgosi, ba ipea tlasa kgosi Solomone.

25. Morena a phahamisa Solomone haholo mahlong a Baiseraele bohle; a mo apesa botlotlehi boo ho seng kgosi e neng e kile ya eba le bona, naheng ya Iseraele, pele ho yena.

26. Davida, mora wa Jese, a busa Baiseraele bohle.

27. A ba busa ka dilemo tse mashome a mane; ka tse supileng a busa a le Heborone, ka tse mashome a mararo a metso e meraro a le Jerusalema.

28. A shwa a se a tsofetse haholo, a phetse dilemo tse ngata, a bile le maruo, mme a hlompheha. Solomone, mora wa hae, a mo hlahlama.

29. Diketso tsa kgosi Davida, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Moporofeta Samuele, le Bukeng ya Moporofeta Nathane, le Bukeng ya Moporofeta Gade.

30. Di ngotswe mmoho le tsohle tsa puso ya hae, le tsa bonatla ba hae, le diketsahalo tsohle tse ileng tsa mo hlahela naheng ya Iseraele, le mebusong yohle ya dinaha tse ding.

1 Diketsahalo 29