1 Diketsahalo 29:10-26 BIBELE (SSO89SO)

10. Davida a rorisa Morena moo setjhaba sohle se leng teng, a re:“Kamehla le mehlaho roriswe wena,Morena Modimo wa ntata rona,wa ntata rona Iseraele.

11. Boholo, le matla, le tlotlake tsa hao, Morena,le tlholo, le botlotlehi.Tsohle tse lehodimong le lefatshengke tsa hao;mmuso ke wa hao, Morena,ke wena hlooho,o phahametse tsohle.

12. Maruo le hlompho di tswa ho wena,tsohle di buswa ke wena;tsoho la hao le matla, le sefea,ho phahamisa le ho matlafatsa bohle.

13. Re a o leboha Modimo wa rona,re rorisa lebitso la haole tlotlehang.

14. “Empa nna ke mang? Tjhaba sa ka sona ke eng, hoo re ka ithaopelang ho fana hakaalekaale? Tsohle ke tsa hao, mme tseo re faneng ka tsona di tswa ho wena.

15. Mahlong a hao re baeti le bajaki, jwaloka bo-ntata rona bohle. Matsatsi a rona, lefatsheng mona, a jwaloka seriti, mme ha ho ya nang le tshepo.

16. Oho, Morena Modimo wa rona, dintho tsena tsohle, tseo re di lokiseditseng ho o hahela Tempele ka tsona, ho tlotla lebitso la hao le halalelang, di tswa ho wena, ke tsa hao.

17. Hape ke a tseba, Modimo wa ka, hore o leka pelo ya motho, mme o thabela ho loka. Ha e le nna ke o nyeheletse ka dintho tsena tsohle ka boithaopo, ka pelo ya ka yohle. Jwale ke thabetse le ho bona setjhaba sa hao, se teng mona, se o nyehella ka boithaopo.

18. Oho, Morena Modimo wa bo-ntata rona Aborahama, le Isaka, le Iseraele, etsa hore maikutlo ana a nne a be teng mehopolong ya dipelo tsa setjhaba sa hao, se nne se tshepahale ho wena.

19. Ako etse hore Solomone, mora wa ka, a tshepahale, hore a boloke melao ya hao, le ditemoso tsa hao, le ditaelo tsa hao, a phethe dintho tsena tsohle, a hahe Tempele eo ke seng ke lokiseditse hore e hahwe.”

20. Yaba Davida o re ho setjhaba sohle: “Rorisang Morena Modimo wa lona!” Setjhaba sohle sa rorisa Morena Modimo wa bo-ntata sona; sa inamisa dihlooho tsa sona, sa kgumamela Morena, sa isa hlompho ho kgosi.

21. Ka letsatsi le hlahlamang leo, setjhaba sa etsetsa Morena mahlabelo le dinyehelo tsa setjheso ka dipohwana tse sekete, le dipheleu tse sekete, le dikonyana tse sekete, le dinyehelo tsa dino, le mahlabelo a mang a mangata, a etsetswang Baiseraele bohle.

22. Ka lona letsatsi leo ba eja, ba enwa ba nyakaletse haholo, ba le kapele ho Morena.Ba boela ba bea Solomone, mora wa Davida, kgetlo la bobedi, hore e be kgosi; ba mo tlotsetsa Morena, hore e be mmusi e moholo, Sadoke yena e be moprista.

23. Solomone a dula teroneng ya Morena, ya eba kgosi sebakeng sa ntatae Davida, mme a atleha. Baiseraele bohle ba mo hlompha.

24. Mahosana wohle, le bahale, le bara bohle ba kgosi, ba ipea tlasa kgosi Solomone.

25. Morena a phahamisa Solomone haholo mahlong a Baiseraele bohle; a mo apesa botlotlehi boo ho seng kgosi e neng e kile ya eba le bona, naheng ya Iseraele, pele ho yena.

26. Davida, mora wa Jese, a busa Baiseraele bohle.

1 Diketsahalo 29