1 Diketsahalo 29:1-5 BIBELE (SSO89SO)

1. Kgosi Davida a boela a re ho setjhaba sohle: “Solomone, mora wa ka, eo e leng yena feela eo Modimo a mo kgethileng, o sa le monyenyane, o a tetema, athe mosebetsi o moholo, hobane Tempele ena hase ya motho, empa ke ya Morena Modimo.

2. Ka matla a ka wohle ke lokisitse dintho tsa Tempele ya Modimo wa ka: Kgauta e tla etsa dintho tsa kgauta, le silefera e tla etsa dintho tsa silefera, le lethose le tla etsa dintho tsa lethose, le tshepe e tla etsa dintho tsa tshepe, le mapolanka a tla etsa dintho tsa mapolanka, le majwe a bohlokwa a oniki, le majwe a phatsimang a tla kgabisa, a mebalabala, le mefuta yohle ya majwe a bohlokwa, le mahakwe.

3. Ho feta mona, kaha ke rata Tempele ya Modimo wa ka, kahodima tsohle tseo ke seng ke di lokiseditse Tempele ena e halalelang, le nna ke abela Tempele ena ya Modimo wa ka matlotlo a ka a kgauta le a silefera:

4. Ke kgauta ya Ofire, e etsang boima ba dithane tse lekgolo, le silefera e hlwekisitsweng, e etsang boima ba dithane tse makgolo a mabedi le mashome a mane, e tla manehwa maboteng a Tempele;

5. e leng kgauta e tla etsa dintho tsa kgauta, le silefera e tla etsa dintho tsa silefera, le mesebetsi yohle e tla etswa ke ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho. Jwale ke mang ya ithaopelang ho sebeletsa Morena kajeno?”

1 Diketsahalo 29