8. “Ka baka leo, pontsheng ya Baiseraele bohle, e leng setjhaba sa Morena, le moo Modimo wa rona a ntseng a utlwa, batlang, mme le boloke melao yohle ya Morena Modimo wa lona, e le hore le tle le rue naha ena e ntle, le e siele bana ba lona, e be ya bona kamehla yohle.
9. “Jwale wena Solomone, mora wa ka, tseba Modimo wa ntatao, o mo sebeletse ka pelo ya hao yohle, le ka maikutlo a hao wohle. Morena o lekola dipelo tsohle, mme o tseba menahano yohle, le mehopolo yohle. Ha o ka mmatla, o tla mo fumana, empa haeba o ka mo furalla, o tla o lahlela ruri!
10. Hlokomela he, hobane Morena o o kgethetse hore o mo hahele Tempele eo e leng Sehalalelo sa hae. Eba monna, o etse jwalo.”
11. Jwale Davida a nea Solomone, mora wa hae, setshwantsho sa lethule la Tempele, le sa matlo a yona, le sa dikamore tsa matlotlo, le sa dikamore tse kahodimo, le sa dikamore tse kahare, le sa sekwahelo sa tefelo ya sebe.
12. A mo nea le setshwantsho sa tsohle tse neng di le mohopolong wa hae, e leng mabala a Tempele ya Morena, le dikamore tse a potapotileng, le dikamore tsa matlotlo a Tempele ya Modimo, le dikamore tsa dimpho tse halalelang.
13. Davida a laela Solomone kamoo a tla hlopha baprista le Balevi kateng, hore ba etse mosebetsi wohle wa tshebeletso ya Tempele ya Morena; le kamoo thepa yohle e tla sebediswa kateng ha ho sebeletswa ka Tempeleng ya Morena.
14. A mo laela le hore na boima ba kgauta le ba silefera e tla etsa thepa yohle, e tla sebediswa, bo be bokae.
15. A mmolella le boima ba kgauta e tla etsa didulwana tsa mabone, le e tla etsa mabone, le boima ba silefera e tla etsa didulwana tsa mabone, le e tla etsa mabone, ho ya kamoo sedulwana ka seng se tla sebediswa kateng.
16. A mmolella le boima ba kgauta e tla etsa tafole e nngwe le e nngwe e tla bea bohobe bo halalelang, le boima ba silefera e tla etsa ditafole tsa silefera,