1 Diketsahalo 28:1-14 BIBELE (SSO89SO)

1. Davida a kgobokanya mahosana wohle a Iseraele, Jerusalema, le mahosana a merabe, le balaodi ba mabotho a sebeletsang kgosi ka dihlopha tsa wona ka ho suthelana, le balaodi ba bahlabani ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, le bahlokomedi ba maruo wohle le matlotlo wohle a kgosi, le bahlokomedi ba bara ba kgosi, le bahlanka bohle, le banna ba dinatla, le bahale.

2. Jwale kgosi Davida a ema, a re: “Mmameleng, lona bana beso, le setjhaba sa heso. Ke ne ke ena le maikutlo a ho hahela areka ya selekane sa Morena Tempele, eo e tla dula ka ho yona, le moo Modimo wa rona a tla namela teng, mme ke se ke entse ditokiso tsa ho e haha.

3. Empa Modimo o ile a re ho nna: <O ke ke wa nkgahela Tempele, hobane o bile motho wa dintwa, mme o tsholotse madi.>

4. “Leha ho le jwalo, Morena Modimo wa Iseraele, o kgethile nna, ho ba lelapa lohle la ntate, hore ke be kgosi ya Iseraele kamehla yohle. O kgethile Juda ho ba moetapele, mme morabeng wa Juda o kgethile lelapa leso. Hara bana beso o ile a kgahlwa ke nna, mme a mpea kgosi ya Iseraele yohle.

5. Morena o mphile bara ba bangata, mme hara bara bohle o kgethile Solomone, mora wa ka, ho dula teroneng ya mmuso wa Morena, a buse Iseraele.

6. “Morena o ile a re ho nna: <Solomone, mora wa hao, ke yena ya tla nkgahela Tempele, le mabala a yona, hobane ke mo kgethile hore e be mora wa ka, mme nna ke be ntatae.

7. Ke tla tiisa mmuso wa hae kamehla yohle, haeba a ka nna a boloka melao ya ka le ditemoso tsa ka, jwalokaha a ntse a etsa.>

8. “Ka baka leo, pontsheng ya Baiseraele bohle, e leng setjhaba sa Morena, le moo Modimo wa rona a ntseng a utlwa, batlang, mme le boloke melao yohle ya Morena Modimo wa lona, e le hore le tle le rue naha ena e ntle, le e siele bana ba lona, e be ya bona kamehla yohle.

9. “Jwale wena Solomone, mora wa ka, tseba Modimo wa ntatao, o mo sebeletse ka pelo ya hao yohle, le ka maikutlo a hao wohle. Morena o lekola dipelo tsohle, mme o tseba menahano yohle, le mehopolo yohle. Ha o ka mmatla, o tla mo fumana, empa haeba o ka mo furalla, o tla o lahlela ruri!

10. Hlokomela he, hobane Morena o o kgethetse hore o mo hahele Tempele eo e leng Sehalalelo sa hae. Eba monna, o etse jwalo.”

11. Jwale Davida a nea Solomone, mora wa hae, setshwantsho sa lethule la Tempele, le sa matlo a yona, le sa dikamore tsa matlotlo, le sa dikamore tse kahodimo, le sa dikamore tse kahare, le sa sekwahelo sa tefelo ya sebe.

12. A mo nea le setshwantsho sa tsohle tse neng di le mohopolong wa hae, e leng mabala a Tempele ya Morena, le dikamore tse a potapotileng, le dikamore tsa matlotlo a Tempele ya Modimo, le dikamore tsa dimpho tse halalelang.

13. Davida a laela Solomone kamoo a tla hlopha baprista le Balevi kateng, hore ba etse mosebetsi wohle wa tshebeletso ya Tempele ya Morena; le kamoo thepa yohle e tla sebediswa kateng ha ho sebeletswa ka Tempeleng ya Morena.

14. A mo laela le hore na boima ba kgauta le ba silefera e tla etsa thepa yohle, e tla sebediswa, bo be bokae.

1 Diketsahalo 28