6. Ke yena Benaya yane eo e neng e le e mong wa bahale ba mashome a mararo e bile e le mookamedi wa bona. Amisabade, mora wa hae, e ne e le yena ya laolang lebotho lena.
7. Asaele, ngwanabo Joabe, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya bone. Sebadiya, mora wa hae, o ne a mo hlahlama. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
8. Shameute, wa morabe wa Isera, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya bohlano. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
9. Ira, mora wa Ikeshe wa Tekowa, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya botshelela. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
10. Helese wa Mopelone, wa morabe wa Efraime, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya bosupa. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
11. Sibekai wa Mohusha, wa morabe wa Sera, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya borobedi. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
12. Abiesere wa Moanatote, wa morabe wa Benjamine, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya borobong. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
13. Maharai wa Monetofa, wa morabe wa Sera, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya leshome. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
14. Benaya wa Mopiratone, wa morabe wa Efraime, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya leshome le motso o mong. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.