4. Dodai, wa morabe wa Ahohi, o ne a laola lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya bobedi, motlatsi wa hae e ne e le Mikelote. Le yena lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
5. Benaya, mora wa Moprista e Moholo Jehoyada, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya boraro. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
6. Ke yena Benaya yane eo e neng e le e mong wa bahale ba mashome a mararo e bile e le mookamedi wa bona. Amisabade, mora wa hae, e ne e le yena ya laolang lebotho lena.
7. Asaele, ngwanabo Joabe, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya bone. Sebadiya, mora wa hae, o ne a mo hlahlama. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
8. Shameute, wa morabe wa Isera, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya bohlano. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.