23. Empa Davida ha a a ka a bala ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya tlase, hobane Morena o ne a itse o tla ngatafatsa Baiseraele, ba be kaalo ka dinaledi tsa lehodimo.
24. Joabe, mora wa Seruya, o ne a ile a qala ho bala batho, empa a se ke a qeta. Ho bala setjhaba hoo ha tlisetsa Baiseraele kotlo; ka baka leo, palo eo ha ya ka ya ngolwa Bukeng ya Diketsahalo tsa kgosi Davida.
25. Matlotlo a kgosi a ne a hlokomelwa ke Asemafete, mora wa Adiele; athe disiu tse ka mathoko, le tse metseng, le tse metsaneng, le tse diqhobosheaneng, di ne di hlokomelwa ke Jehonathane, mora wa Usiya.
26. Eseri, mora wa Kelobe, o ne a hlokomela balemi.
27. Shimei, ya neng a ahile Rama, o ne a hlokomela masimo a morara; Sabedi, ya neng a ahile Shifame, o ne a hlokomela morara o yang ditlhotlelong.
28. Baale-Hanane wa Mogedere, o ne a hlokomela difate tsa mohlwaare le tsa monokotshwai tse maralleng a ka bophirimela; Jowashe o ne a hlokomela matlo ao ho bolokwang ole ka ho wona.
29. Shiterai wa Mosharone o ne a hlokomela dikgomo tse neng di le metebong e Sharone; Shafate, mora wa Adelai, o ne a hlokomela dikgomo tse neng di le ka dikgohlong.
30. Obile wa Moishemaele o ne a hlokomela dikamele; Jehedeya, ya neng a ahile Meronote, o ne a hlokomela ditonki.
31. Jasise wa Mohagare o ne a hlokomela dikgutshwane. Bana bohle e ne e le badisa ba maruo wohle a kgosi Davida.
32. Jonathane, rangwana Davida, e ne e le moeletsi ya bohlale, e bile e le mongodi, mme Jehiele, mora wa Hakemoni, o ne a hlokomela bara ba kgosi.