19. Ho ba morabe wa Sebulone hlooho e ne e le Jishemaya, mora wa Obadiya; ho ba morabe wa Nafthali e le Jeremote, mora wa Aseriele.
20. Ho ba morabe wa Efraime hlooho e ne e le Hoshea, mora wa Asasiya; ho ba karolo e nngwe ya ba morabe wa Manase e le Joele, mora wa Pedaya.
21. Ho ba karolo e nngwe ya ba morabe wa Manase e Gileade, hlooho e ne e le Ido, mora wa Sekariya; ho ba morabe wa Benjamine e le Jaasiele, mora wa Abinere.
22. Ho ba morabe wa Dane hlooho e ne e le Asariele, mora wa Jerohame.Bana e ne e le mahosana a merabe ya Iseraele.
23. Empa Davida ha a a ka a bala ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya tlase, hobane Morena o ne a itse o tla ngatafatsa Baiseraele, ba be kaalo ka dinaledi tsa lehodimo.
24. Joabe, mora wa Seruya, o ne a ile a qala ho bala batho, empa a se ke a qeta. Ho bala setjhaba hoo ha tlisetsa Baiseraele kotlo; ka baka leo, palo eo ha ya ka ya ngolwa Bukeng ya Diketsahalo tsa kgosi Davida.
25. Matlotlo a kgosi a ne a hlokomelwa ke Asemafete, mora wa Adiele; athe disiu tse ka mathoko, le tse metseng, le tse metsaneng, le tse diqhobosheaneng, di ne di hlokomelwa ke Jehonathane, mora wa Usiya.