1 Diketsahalo 27:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Lena ke lenane la bana ba Iseraele, ho ya ka palo ya bona, e leng dihlooho tsa malapa a bona, le balaodi ba bahlabani ba dikete, le ba bahlabani ba makgolo, le bahlanka ba sebeletsang kgosi ditabeng tsohle tse amanang le mabotho. Ba ne ba sebetsa ka dihlopha tse suthelanang ka kgwedi le kgwedi, selemo sohle. Lebotho ka leng le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.

2. Jeshobame, mora wa Sabediele, o ne a laola lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya pele. Le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.

3. E ne e le wa leloko la Perese, e le hlooho ya balaodi bohle ba mabotho a sebetsang ka kgwedi ya pele.

4. Dodai, wa morabe wa Ahohi, o ne a laola lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya bobedi, motlatsi wa hae e ne e le Mikelote. Le yena lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.

5. Benaya, mora wa Moprista e Moholo Jehoyada, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya boraro. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.

6. Ke yena Benaya yane eo e neng e le e mong wa bahale ba mashome a mararo e bile e le mookamedi wa bona. Amisabade, mora wa hae, e ne e le yena ya laolang lebotho lena.

7. Asaele, ngwanabo Joabe, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya bone. Sebadiya, mora wa hae, o ne a mo hlahlama. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.

8. Shameute, wa morabe wa Isera, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya bohlano. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.

9. Ira, mora wa Ikeshe wa Tekowa, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya botshelela. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.

10. Helese wa Mopelone, wa morabe wa Efraime, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya bosupa. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.

1 Diketsahalo 27