1 Diketsahalo 26:4-21 BIBELE (SSO89SO)

4. Bara ba Obede-Edomo e ne e le Shemaya, letsibolo la hae, wa bobedi e le Jehosabada, wa boraro e le Jowa, wa bone e le Sakara, wa bohlano e le Netanele,

5. wa botshelela e le Amiele, wa bosupa e le Isakare, wa borobedi e le Peuletai, ho ya kamoo Modimo a neng a hlohonolofaditse Obede-Edomo kateng.

6. Mora wa hae Shemaya a tswala bara ba neng ba busa lelapa lohle labo bona, hobane e ne e le bahale.

7. Bara ba Shemaya e ne e le Oteni, le Refaele, le Obede, le Elesabade. Baena ba bona, e leng Elehu le Semakiya, e ne e le banna ba matla.

8. Bana bohle e ne e le ditloholo tsa Obede-Edomo; bona le bara ba bona, le bang ka bona, e ne e le banna ba matla, ba sebetsang ka thata. Ditloholo tsa Obede-Edomo di ne di le mashome a tsheletseng a metso e mmedi.

9. Meshelemiya le yena o ne a ena le bara, le baena ba matla, ba leshome le metso e robedi.

10. Le Hosa, wa bana ba Merari, o ne a ena le bara. Shimeri e ne e le yena hlooho ya bona. Le hoja e ne e se yena letsibolo, feela ntatae o ile a mo etsa hlooho.

11. Mora wa bobedi e ne e le Hilekiya, wa boraro e le Tebaleya, wa bone e le Sekariya. Kaofela bara ba Hosa le baena ba hae ba ne ba le leshome le metso e meraro.

12. Dihlopha tsena tsa balebedi ba menyako, di le tlasa baokamedi ba tsona, di ne di abetswe ho sebeletsa ka Tempeleng ya Morena, sehlopha ka seng se sebeletsa jwaloka tse ding.

13. Monyako ka mong wa kgethelwa balebedi ba wona ka lotho, ho ya ka malapa abo bona, ha kgethwa ba baholo le ba banyenyane.

14. Lotho le kgethang molebedi wa monyako o ka botjhabela la ntsha Shelemiya. Mora wa hae Sekariya, eo e neng e le moeletsi ya bohlale, le yena a etsetswa lotho, mme la mo ntshetsa ho lebela monyako o ka leboya.

15. Lotho le kgethang molebedi wa monyako o ka borwa la ntsha Obede-Edomo, mme lotho le kgethang balebedi ba ntlo ya polokelo la ntsha bara ba hae.

16. Lotho le kgethang balebedi ba monyako o ka bophirimela, le balebedi ba monyako wa Shalekete, o mmileng o kahodimo, la ntsha Shupime le Hosa.Balebedi ba ne ba suthelana.

17. Ka letsatsi le leng le le leng, Balevi ba tsheletseng ba ne ba lebela ka botjhabela, ba bane ba lebela ka leboya, ba bane ba lebela ka borwa, mme tlung ya polokelo ba lebela ka bobedi, ba suthelana.

18. Lebaleng le ka bophirimela, ba bane ba ne ba lebela pela tsela, ba babedi ba lebela hona lebaleng moo.

19. Tsena e ne e le tsona dihlopha tsa balebedi ba menyako, bao e neng e le ditloholo tsa Kore le tsa Merari.

20. Balevi, le bana babo bona, e ne e le bona balebedi ba matlotlo a Tempele ya Modimo, le balebedi ba matlotlo a dimpho tse halalelang.

21. Hara ditloholo tsa Ladane, wa morabe wa Gereshone, bao e neng e le dihlooho tsa malapa abo bona e ne e le ditloholo tsa Jehiele.

1 Diketsahalo 26