1 Diketsahalo 26:18-30 BIBELE (SSO89SO)

18. Lebaleng le ka bophirimela, ba bane ba ne ba lebela pela tsela, ba babedi ba lebela hona lebaleng moo.

19. Tsena e ne e le tsona dihlopha tsa balebedi ba menyako, bao e neng e le ditloholo tsa Kore le tsa Merari.

20. Balevi, le bana babo bona, e ne e le bona balebedi ba matlotlo a Tempele ya Modimo, le balebedi ba matlotlo a dimpho tse halalelang.

21. Hara ditloholo tsa Ladane, wa morabe wa Gereshone, bao e neng e le dihlooho tsa malapa abo bona e ne e le ditloholo tsa Jehiele.

22. Bara ba Jehiele, e leng Setame le Joele ngwanabo, e ne e le balebedi ba matlotlo a Tempele ya Morena.

23. Hara ditloholo tsa Amorame, le tsa Isihare, le tsa Heborone, le tsa Usiele,

24. setloholo sa Moshe, e leng Shebuele, mora wa Gereshome, e ne e le yena mookamedi wa balebedi ba matlotlo.

25. Bang ka yena, ba tswetsweng ke Eleesere, ke bana: Eleesere a tswala Rehabeya, Rehabeya a tswala Jeshaya, Jeshaya a tswala Jorame, Jorame a tswala Sikeri, Sikeri a tswala Shelomite.

26. Ke bo-Shelomite le bana babo, bao e neng e le balebedi ba matlotlo a dimpho tse abetsweng Morena, tseo kgosi Davida, le dihlooho tsa malapa, le balaodi ba bahlabani ba sekete, le ba bahlabani ba lekgolo, le balaodi ba mabotho, ba ileng ba di abela Morena.

27. Dinthong tse ileng tsa hapuwa ntweng, ba fana ka tse ding hore di tle di sebediswe Tempeleng ya Morena.

28. Tsohle tseo moporofeta Samuele, le Saule mora wa Kishe, le Abinere mora wa Nere, le Joabe mora wa Seruya, ba neng ba di abetse Morena, le tsohle tseo mang kapa mang a neng a di abetse Morena, di ne di laolwa ke Shelomite le bana babo.

29. Hara ditloholo tsa Isihare, Kenaniya le bara ba hae ba ne ba abetswe mosebetsi wa ho tsamaisa ditaba tsa naha ya Iseraele, e le bangodi le baahlodi.

30. Hara ditloholo tsa Heborone, Hashabiya le bana babo ba sekete le makgolo a supileng bao e neng e le bahale, e ne e le bona baokamedi ba mosebetsi wohle wa Morena, ba okametse le tshebeletso yohle ya kgosi naheng ya Iseraele e ka bophirimela ho Jorodane.

1 Diketsahalo 26