1 Diketsahalo 25:18-27 BIBELE (SSO89SO)

18. La leshome le motso o mong la ntsha Asariele, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.

19. La leshome le metso e mmedi la ntsha Mashabiya, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.

20. La leshome le metso e meraro la ntsha Shubaele, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.

21. La leshome le metso e mene la ntsha Matiteya, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.

22. La leshome le metso e mehlano la ntsha Jerimote, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.

23. La leshome le metso e tsheletseng la ntsha Hananiya, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.

24. La leshome le metso e supileng la ntsha Joshebekasha, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.

25. La leshome le metso e robedi la ntsha Hanani, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.

26. La leshome le metso e robong la ntsha Maloti, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.

27. La mashome a mabedi la ntsha Eleata, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.

1 Diketsahalo 25