1. Bo-Davida le balaodi ba mabotho ba kgetha ba bang ba bara ba Asafo, le ba Hemane, le ba Jedutune, hore ha diharepa, le dikatara, le matlheretlhere, di ba kenya moya, ba phatlalatse molaetsa wa Modimo. Lenane la banna ba neng ba sebetsa mosebetsi ona ke lena:
2. Hara bara ba Asafo e ne e le Sakure, le Josefa, le Netaniya, le Asarela. Ba ne ba okametswe ke Asafo, ya neng a phatlalatsa molaetsa ho ya ka taelo ya kgosi.
3. Hara bara ba Jedutune e ne e le Gedaleya, le Seri, le Jeshaya, le Shimei, le Hashabiya, le Matiteya. Ba ne ba tsheletse, mme ba okametswe ke ntata bona Jedutune, ya neng a letsa harepa ha a phatlalatsa molaetsa wa Modimo, a leboha Morena, a bile a mo rorisa.
4. Hara bara ba Hemane teng e ne e le Bukiya, le Mataneya, le Usiele, le Shebuele, le Jerimote, le Hananiya, le Hanani, le Eleata, le Gidaleti, le Romameti-Esere, le Joshebekasha, le Maloti, le Hotire, le Mahasiote.
5. Bana bohle e ne e le bara ba Hemane, senohe sa kgosi ditabeng tsa Modimo. Modimo a matlafatsa Hemane ka ho mo fa bara ba leshome le metso e mene, le baradi ba bararo.
6. Batho bana bohle ba ne ba okametswe ke ntata bona, ba bina ka Tempeleng ya Morena; ba letsa matlheretlhere, le dikatara, le diharepa, nakong ya ditshebeletso ka Tempeleng ya Modimo, ho latela taelo ya kgosi ho bo-Asafo, le Jedutune, le Hemane.
7. Bana bohle, hammoho le bang ka bona, ba ne ba rutilwe, mme ba tseba ho binela Morena. Ba ne ba le makgolo a mabedi, le mashome a robedi a metso e robedi.
8. Batjha le maqheku, baruti le barutuwa, ba abelwa mosebetsi ka lotho, ka ho tshwana.
9. Lotho la pele, e leng la lelapa la Asafo, la ntsha Josefa. La bobedi la ntsha Gedaleya, le bana babo, le bara ba hae, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.
10. La boraro la ntsha Sakure, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.
11. La bone la ntsha Isiri, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.
12. La bohlano la ntsha Netaniya le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.
13. La botshelela la ntsha Bukiya, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.
14. La bosupa la ntsha Jesharela, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.
15. La borobedi la ntsha Jeshaya, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.