1 Diketsahalo 24:5-10 BIBELE (SSO89SO)

5. Ha ho kgethwa baprista ba Sehalalelo le baprista ba Tempele ya Modimo hara ditloholo tsa Eleasare le Itamare, ba arolwa ka lotho, ho se leeme.

6. Mongodi ya bitswang Shemaya, mora wa Netanele, e leng e mong wa Balevi, a ngola mabitso a bona bukeng, moo kgosi, le mahosana, le moprista Sadoke, le Ahimeleke, mora wa Abiatare, le dihlooho tsa malapa a baprista le a Balevi, ba leng teng. Ho ne ho ye ho ngolwe lelapa le le leng la Eleasare, ho ngolwe le le leng la Itamare, jwalojwalo.

7. Lotho la pele la ntsha Jehoyaribe, la bobedi la ntsha Jedaya,

8. la boraro la ntsha Harime, la bone la ntsha Seorime,

9. la bohlano la ntsha Malakiya, la botshelela la ntsha Miamine,

10. la bosupa la ntsha Hakose, la borobedi la ntsha Abiya,

1 Diketsahalo 24