22. ho ba Isihare, e mong e ne e le Shelomote; hara bara ba Shelomote e mong e le Jahate.
23. Ho bara ba Heborone letsibolo e ne e le Jeriya, wa bobedi e le Amariya, wa boraro e le Jahasiele, wa bone e le Jekameame.
24. Ho bara ba Usiele e ne e le Mmika; ho bara ba Mmika e le Shamire.
25. Ngwanabo Mmika e ne e le Jishiya; ho bara ba Jishiya e le Sekariya.
26. Bara ba Merari e ne e le Mahele le Mushi; mora wa Jaasiya e le Beno.
27. Ditloholo tsa Merari tse tswetsweng ke Jaasiya e ne e le Beno, le Shohame, le Sakure, le Ibiri.
28. Mahele a tswala Eleasare ya sa kang a ba le bara.
29. Mora wa Kishe e ne e le Jerahemeele.
30. Bara ba Mushi e ne e le Mahele, le Edere, le Jerimote. Bana e ne e le bona Balevi ho ya ka malapa abo bona.
31. Jwalokaha bana babo bona, e leng ditloholo tsa Arone, ba ile ba etsa lotho, le bona ba le etsa moo Davida, le Sadoke, le Ahimeleke, le dihlooho tsa malapa a baprista le a Balevi, ba leng teng. Malapa a matsibolo le a dikgorula a ne a etswa ka ho tshwana.