16. la leshome le metso e robong la ntsha Petahiya, la mashome a mabedi la ntsha Jehesekele,
17. la mashome a mabedi a motso o mong la ntsha Jakine, la mashome a mabedi a metso e mmedi la ntsha Gamule,
18. la mashome a mabedi a metso e meraro la ntsha Delaya, la mashome a mabedi a metso e mene la ntsha Maasiya.
19. Ba ne ba sebeletsa ka Tempeleng ya Morena ka tlhatlhamano yona ena, ho latela melao eo ba neng ba e laetswe ke Arone, moholoholo wa bona, jwalokaha Morena Modimo wa Iseraele, a ne a ile a mo laela.
20. Bara ba bang ba Levi e ne e le bana: Shubaele e ne e le e mong wa bara ba Amorame; Jehedeya e le e mong wa bara ba Shubaele.
21. Hara bara ba Rehabeya, Jishiya e ne e le letsibolo;
22. ho ba Isihare, e mong e ne e le Shelomote; hara bara ba Shelomote e mong e le Jahate.
23. Ho bara ba Heborone letsibolo e ne e le Jeriya, wa bobedi e le Amariya, wa boraro e le Jahasiele, wa bone e le Jekameame.
24. Ho bara ba Usiele e ne e le Mmika; ho bara ba Mmika e le Shamire.
25. Ngwanabo Mmika e ne e le Jishiya; ho bara ba Jishiya e le Sekariya.