1 Diketsahalo 24:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Dihlopha tsa bara ba Arone ke tsena: Bara ba Arone e ne e le Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare.

2. Empa bo-Nadabe le Abihu ba ile ba shwa pele ho ntata bona, ba se na bara; kahoo Eleasare le Itamare ya eba bona baprista.

3. Davida a ba arola dihlopha, ho ya ka mosebetsi oo ba neng ba o abetswe. Ha a ba arola o ne a thusitswe ke Sadoke, setloholo sa Eleasare, le Ahimeleke, setloholo sa Itamare.

4. Bara ba Eleasare, bao e neng e le dihlooho, ba ne ba le bangata ho feta bara ba Itamare, mme ba arolwa jwalo. Hara bara ba Eleasare, bao e neng e le dihlooho tsa malapa abo bona, ba ne ba le leshome le metso e tsheletseng, mme hara bara ba Itamare bao e neng e le dihlooho tsa malapa abo bona ba ne ba le robedi.

5. Ha ho kgethwa baprista ba Sehalalelo le baprista ba Tempele ya Modimo hara ditloholo tsa Eleasare le Itamare, ba arolwa ka lotho, ho se leeme.

6. Mongodi ya bitswang Shemaya, mora wa Netanele, e leng e mong wa Balevi, a ngola mabitso a bona bukeng, moo kgosi, le mahosana, le moprista Sadoke, le Ahimeleke, mora wa Abiatare, le dihlooho tsa malapa a baprista le a Balevi, ba leng teng. Ho ne ho ye ho ngolwe lelapa le le leng la Eleasare, ho ngolwe le le leng la Itamare, jwalojwalo.

7. Lotho la pele la ntsha Jehoyaribe, la bobedi la ntsha Jedaya,

8. la boraro la ntsha Harime, la bone la ntsha Seorime,

1 Diketsahalo 24