1 Diketsahalo 23:5-10 BIBELE (SSO89SO)

5. Ba dikete tse nne ya eba balebedi ba menyako, mme ba dikete tse nne hape ba rorisa Morena ka diletsa tseo Davida a neng a laele hore di etswe.

6. Davida a ba arola dihlopha tse tharo, ho ya ka bara ba Levi, e leng Gereshone, le Kohate, le Merari.

7. Bara ba Gereshone e ne e le Ladane le Shimei.

8. Bara ba Ladane ba ne ba le bararo: Letsibolo e ne e le Jehiele, a hlahlangwa ke Setame, le Joele.

9. Bara ba Shimei le bona ba ne ba le bararo, e le Shelomite, le Hasiele, le Harane. Bana e ne e le dihlooho tsa lelapa la Ladane.

10. Bara ba Shimei ba ne ba le bane, e le Jahate, le Sisa, le Jeushe, le Beriya.

1 Diketsahalo 23