1 Diketsahalo 23:27-32 BIBELE (SSO89SO)

27. Ka taelo ya ho qetela ya Davida, ha balwa Balevi ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.

28. Mosebetsi wa bona e ne e le ho thusa ditloholo tsa Arone ha di sebeletsa ka Tempeleng ya Morena, le mabaleng a yona, le ka dikamoreng tsa yona, le ka ho hlwekisa dintho tsohle tse halalelang, le ka ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe wa Tempele ya Morena.

29. Ba ne ba hlokomela le bohobe bo halalelang, ba hlokomela le phofo e thumisehileng ya nyehelo ya dijo, le dikuku tse sa lomoswang, le tsohle tsa dipane, le tse neng di hadikwa, le tsohle tse neng di sebediswa ha ho lekanngwa bongata kapa boholo ba ntho.

30. Hape mosebetsi wa bona e ne e le ho tsoha hoseng ba leboha Morena, mme ba mo rorisa, ba etsa jwalo le mantsiboya;

31. leha ho etsetswa Morena dinyehelo tsohle tsa setjheso ka matsatsi a Sabatha, le ka mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le ka mekete e kgethehileng. Ba ne ba etsa jwalo kapele ho Morena, ho ya ka palo eo ba e beetsweng ka molao.

32. Ka tsela ena ba ne ba hlokomela Tente ya Morena, le Sehalalelo, mme ba thusa bara ba Arone, e leng bana babo bona, ho hlokomela ditshebeletso tsa Tempele ya Morena.

1 Diketsahalo 23