1 Diketsahalo 23:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha Davida a se a hodile, e se e le mobu, a bea mora wa hae Solomone hore e be kgosi ya Baiseraele.

2. Davida a phutha mahosana wohle a Baiseraele, le baprista, le Balevi.

3. Ha balwa Balevi ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo. Palo ya bona, ha ba balwa ka bomong, ya eba dikete tse mashome a mararo a metso e robedi.

4. Ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene ba bona ba bewa ho okamela mesebetsi ya Tempele ya Morena; ba dikete tse tsheletseng bona ya eba batsamaisi ba ditaba tsa naha ya Iseraele le baahlodi.

5. Ba dikete tse nne ya eba balebedi ba menyako, mme ba dikete tse nne hape ba rorisa Morena ka diletsa tseo Davida a neng a laele hore di etswe.

6. Davida a ba arola dihlopha tse tharo, ho ya ka bara ba Levi, e leng Gereshone, le Kohate, le Merari.

1 Diketsahalo 23