7. Davida a re ho Solomone: “Mora ka, ke ne ke rerile ho hahela Morena Modimo wa ka, Tempele.
8. Empa polelo ya Morena e ile ya fihla ho nna, ya re: <O tsholotse madi a mangata, o lwanne dintwa tse kgolo. Ka baka lena, o ke ke wa nkgahela Tempele, hobane o tsholotse madi a mangata pontsheng ya ka.
9. Bona, o tla tswala mora, eo e tla ba motho wa kgotso. O tla phela ka kgotso le dira tsa hae tsohle, tse mo potapotileng. Lebitso la hae e tla ba Solomone, mme mehleng ya puso ya hae Baiseraele ba tla phela ka kgotso le ka kgutso.
10. Ke yena ya tla nkgahela Tempele. E tla ba mora wa ka, nna ke be ntatae, mme ke tla tsitsisa terone ya hae naheng ena ya Iseraele kamehla.>
11. “Jwale he, mora ka, Morena a ke a be le wena, a o atlehise, o tle o tsebe ho hahela Morena Modimo wa hao, Tempele, jwalokaha a itse o tla etsa.
12. Morena a ke a o fe bohlale le kutlwisiso, a etse hore o buse Baiseraele, o tle o tsebe ho boloka molao wa Morena Modimo wa hao.
13. Ha o ka ela hloko ho phethahatsa ditaelo le melao eo Morena a e laetseng Moshe malebana le Baiseraele, o tla atleha. Eba monna, o be sebete; o se ke wa tshaba leha e le ho tsieleha.
14. “Ke se ke ikgathaditse haholo, ke bokeletse kgauta e boima ba dithane tse ka bang dikete tse tharo le mashome a mane bakeng sa Tempele ya Morena, le silefera e boima ba dithane tse ka bang dikete tse mashome a mararo a metso e mene, le lethose, le tshepe, e leng dintho tse ke keng tsa lekanngwa ka baka la bongata ba tsona. Ke se ke bokeletse le difate le majwe. Dintho tsena o ka nna wa di eketsa.
15. Etswe o na le basebetsi ba bangata: ba thuang majwe, le ba a betlang, le ba betlang mapolanka, le mefuta yohle ya ditsebi tsa mesebetsi yohle.
16. Bongata ba kgauta, le silefera, le lethose, le tshepe, ke bo ke keng ba balwa. O eme ka maoto, o sebetse, mme Morena a ke a be le wena.”
17. Davida o ne a ile a laela mahosana wohle a Baiseraele hore a thuse mora wa hae, Solomone, mme a re ho wona: