1 Diketsahalo 22:5-11 BIBELE (SSO89SO)

5. Davida a re: “Solomone, mora wa ka, o sa le monyenyane, o a tetema, mme Tempele e lokelang ho hahelwa Morena e tshwanela ho ba ntle haholo, e tume, e tlotlwe ke dinaha tsohle. Ha ho le jwalo, ke tla qalella ho etsa ditokiso tsa hore e tle e hahwe.” Kahoo, yare Davida a eso ka a eshwa, a etsa ditokiso tse kgolo.

6. Jwale Davida a bitsa Solomone, mora wa hae, mme a mo laela ho hahela Morena Modimo wa Iseraele, Tempele.

7. Davida a re ho Solomone: “Mora ka, ke ne ke rerile ho hahela Morena Modimo wa ka, Tempele.

8. Empa polelo ya Morena e ile ya fihla ho nna, ya re: <O tsholotse madi a mangata, o lwanne dintwa tse kgolo. Ka baka lena, o ke ke wa nkgahela Tempele, hobane o tsholotse madi a mangata pontsheng ya ka.

9. Bona, o tla tswala mora, eo e tla ba motho wa kgotso. O tla phela ka kgotso le dira tsa hae tsohle, tse mo potapotileng. Lebitso la hae e tla ba Solomone, mme mehleng ya puso ya hae Baiseraele ba tla phela ka kgotso le ka kgutso.

10. Ke yena ya tla nkgahela Tempele. E tla ba mora wa ka, nna ke be ntatae, mme ke tla tsitsisa terone ya hae naheng ena ya Iseraele kamehla.>

11. “Jwale he, mora ka, Morena a ke a be le wena, a o atlehise, o tle o tsebe ho hahela Morena Modimo wa hao, Tempele, jwalokaha a itse o tla etsa.

1 Diketsahalo 22