16. Bongata ba kgauta, le silefera, le lethose, le tshepe, ke bo ke keng ba balwa. O eme ka maoto, o sebetse, mme Morena a ke a be le wena.”
17. Davida o ne a ile a laela mahosana wohle a Baiseraele hore a thuse mora wa hae, Solomone, mme a re ho wona:
18. “Ha ke re Morena Modimo wa lona, o na le lona? Ha ke re o le neile kgotso kahohle? O neelane ka baahi ba naha ena matsohong a ka, mme naha ena e buswa ke Morena le setjhaba sa hae.
19. Ka baka leo, ineeleng ho Morena Modimo wa lona, ka dipelo tsa lona, le ka meya ya lona. Emang ke hona, le hahe Sehalalelo sa Morena Modimo, e le hore areka ya selekane sa Morena, le dintho tse halalelang tsa Modimo, di tle di tliswe ka Tempeleng e tla hahelwa Morena.”