1. Jwale Davida a re: “Ena ke yona ntlo ya Morena Modimo, mme ena ke aletare ya nyehelo ya setjheso, moo Baiseraele ba tla sebeletsa Morena teng.”
2. Davida a laela hore ho phuthwe baditjhaba ba neng ba le kahara naha ya Iseraele, mme a kgetha dibetli tsa majwe a tla haha Tempele ya Modimo.
3. A bokella le tshepe e ngata, e tla etsa dipekere tsa mamati a menyako, le tsa manonyeletso a wona, le lethose le lengata hoo le neng le ke ke la lekanngwa.
4. A fana le ka difate tsa kedare tse se nang palo, hobane Basidone le Batire ba ne ba ile ba mo tlisetsa difate tse ngata tse kedare.
5. Davida a re: “Solomone, mora wa ka, o sa le monyenyane, o a tetema, mme Tempele e lokelang ho hahelwa Morena e tshwanela ho ba ntle haholo, e tume, e tlotlwe ke dinaha tsohle. Ha ho le jwalo, ke tla qalella ho etsa ditokiso tsa hore e tle e hahwe.” Kahoo, yare Davida a eso ka a eshwa, a etsa ditokiso tse kgolo.
6. Jwale Davida a bitsa Solomone, mora wa hae, mme a mo laela ho hahela Morena Modimo wa Iseraele, Tempele.
7. Davida a re ho Solomone: “Mora ka, ke ne ke rerile ho hahela Morena Modimo wa ka, Tempele.
8. Empa polelo ya Morena e ile ya fihla ho nna, ya re: <O tsholotse madi a mangata, o lwanne dintwa tse kgolo. Ka baka lena, o ke ke wa nkgahela Tempele, hobane o tsholotse madi a mangata pontsheng ya ka.
9. Bona, o tla tswala mora, eo e tla ba motho wa kgotso. O tla phela ka kgotso le dira tsa hae tsohle, tse mo potapotileng. Lebitso la hae e tla ba Solomone, mme mehleng ya puso ya hae Baiseraele ba tla phela ka kgotso le ka kgutso.
10. Ke yena ya tla nkgahela Tempele. E tla ba mora wa ka, nna ke be ntatae, mme ke tla tsitsisa terone ya hae naheng ena ya Iseraele kamehla.>