3. Joabe a re: “Morena a ke a atise palo ya setjhaba sa hae halekgolo! Feela, monga ka, kgosi ya ka, ha ke re Baiseraele bohle ke bahlanka ba monga ka? Jwale ke ka lebaka lang ha monga ka a lakatsa ho etsa ntho ee? Ke ka lebaka lang ha monga ka a etsa Baiseraele ba tle ba sitwe?”
4. Leha ho le jwalo, yaba le se le dumme; Joabe a tsamaya le naha yohle ya Iseraele, mme qetellong a kgutlela Jerusalema.
5. Joabe a fihla a bolella kgosi Davida palo ya setjhaba. Baiseraele bohle, bao e neng e le matsholathebe, ba ne ba le mileone le dikete tse lekgolo. Ba morabe wa Juda ba ne ba le dikete tse makgolo a mane le mashome a supileng.
6. Empa Joabe o ne a sa ka a balella ba morabe wa Levi le ba morabe wa Benjamine, hobane o ne a hanyetsa taelo ya kgosi.
7. Ketso ena ya Davida ya se ke ya kgahla Modimo, mme ka baka leo, a otla Baiseraele.
8. Yaba Davida o re ho Modimo: “Ke entse sebe se seholo ka ho etsa ntho ena. Empa jwale ke a o rapela: Ako hlakole bokgopo bona ba mohlanka wa hao, hobane ke sebeditse ka bothoto bo boholo.”
9. Morena a bua ho Gade, senohe sa Davida, a re ho yena:
10. “Eya ho Davida, o fihle o re ho yena: <Morena o bua tjena: Dintho ke tsena tse tharo: Ikgethele e le nngwe ya tsona, eo ke tla o otla ka yona.> ”
11. Yaba Gade o fihla ho Davida, o re ho yena: “Morena o bua tjena: <Ikgethele!
12. Ho be le sekoboto ka dilemo tse tharo; kapa ka nako ya kgwedi tse tharo o balehe dira tsa hao ha di ntse di o manakisa ka disabole; kapa, ho seng jwalo, ka matsatsi a mararo Morena a o futuhele ka sabole ya hae, e leng hore a dihele naha ee sewa, lengeloi la Morena le tsamaye hohle kahare ho naha ya Iseraele, le ntse le timetsa tsohle?> Ka baka leo, inahanele karabo eo ke tla e isetsa ya nthomileng.”
13. Davida a re ho Gade: “Ke tlaletswe haholo! Ho ena le ho wela diatleng tsa motho, nka mpa ka wela diatleng tsa Morena, hobane mohau wa hae o moholo haholo.”