21. Ha Davida a ntse a atamela ho Orenane, Orenane a mmona, a tloha seotlong, a isa hlompho ho Davida ka ho obama.
22. Davida a re ho yena: “Nnee seotlo sena ke tle ke hahele Morena aletare ho sona, e le hore sewa se tle se kgaotse setjhabeng. O nthekisetse sona ka theko ya sona.”
23. Orenane a re ho Davida: “Se nke feela, monga ka, kgosi ya ka, o etse ka sona kamoo o ratang kateng. Ke bile ke o fa le dipholo tsena hore o etse nyehelo ya setjheso ka tsona; ke o fa le selei sena se polang hore o etse patsi ka sona, le koro hore o etse nyehelo ya dijo ka yona. Tsena tsohle ke o fa tsona.”
24. Empa kgosi Davida a re ho Orenane: “Tjhe, ke tla di reka ka theko ya tsona, hobane nke ke ka nka dintho tsa hao ke di nkela Morena, empa ke sa di reka; leha e le nyehelo ya setjheso nke ke ka e etsa ka tseo ke sa di rekang.”
25. Yaba Davida o reka seotlo seo ka ditjhelete tsa kgauta tse ka bang boima ba dikilo tse supileng.
26. Davida a hahela Morena aletare hona moo, a etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho. A rapela Morena, mme Morena a mo arabela ka ho theola mollo o tswang lehodimong, a o theolela hodima aletare ya nyehelo ya setjheso.
27. Jwale Morena a laela lengeloi, mme la busetsa sabole ya lona selateng sa yona.
28. Ka yona nako eo, ha Davida a elellwa hore Morena o mo arabetse a le seotlong sa Orenane wa Mojebuse, yaba o se a ntse a etsetsa mahlabelo hona moo seotlong sa Orenane wa Mojebuse.
29. Leaho la Morena, leo Moshe a neng a le etse ha a le nahathothe, le aletare ya nyehelo ya setjheso, di ne di ntse di le sebakeng sa borapedi se Gibeone.