1 Diketsahalo 21:15-23 BIBELE (SSO89SO)

15. Modimo a romela lengeloi Jerusalema ho ya e timetsa, empa yare ha le ntse le e timetsa, Morena a bona, mme a hauha ha a nahana koduwa eo, a re ho lengeloi le neng le ntse le timetsa batho: “Ho lekane! Kgaotsa!” Lengeloi la Morena le ne le eme seotlong sa Orenane wa Mojebuse.

16. Ha Davida a re mahlo tloha! a bona lengeloi la Morena le eme sepakapakeng, le tshwere sabole, le e kokoseditse hodima Jerusalema. Bo-Davida le baholo ba setjhaba, ba neng ba apere diaparo tse mahwashe, ba obamela fatshe ka difahleho.

17. Davida a re ho Modimo: “Ha ke re ke nna ya laetseng hore ho balwe setjhaba? Ke nna ya entseng sebe; ruri ke nna ya entseng bokgopo. Jwale dinku tsee tsona di entseng? Oho, Morena Modimo wa ka, ke a o rapela: Mpe o otle nna le ba lelapa leso, o se ke wa otla setjhaba sa hao.”

18. Yaba lengeloi la Morena le laela Gade hore a bolelle Davida a nyolohe, a yo hahela Morena aletare seotlong sa Orenane wa Mojebuse.

19. Davida a nyoloha ho ya ka polelo eo Gade a ileng a e bolela ka lebitso la Morena.

20. Orenane o ne a ntse a pola koro. Ha a hetla, a bona lengeloi, empa bara ba hae ba bane bona ba ipata.

21. Ha Davida a ntse a atamela ho Orenane, Orenane a mmona, a tloha seotlong, a isa hlompho ho Davida ka ho obama.

22. Davida a re ho yena: “Nnee seotlo sena ke tle ke hahele Morena aletare ho sona, e le hore sewa se tle se kgaotse setjhabeng. O nthekisetse sona ka theko ya sona.”

23. Orenane a re ho Davida: “Se nke feela, monga ka, kgosi ya ka, o etse ka sona kamoo o ratang kateng. Ke bile ke o fa le dipholo tsena hore o etse nyehelo ya setjheso ka tsona; ke o fa le selei sena se polang hore o etse patsi ka sona, le koro hore o etse nyehelo ya dijo ka yona. Tsena tsohle ke o fa tsona.”

1 Diketsahalo 21