1 Diketsahalo 2:44-49 BIBELE (SSO89SO)

44. Shema a tswala Rahama, Rahama a tswala Jorokowame. Regeme a tswala Shamai.

45. Mora wa Shamai e ne e le Maone, ya ileng a thea Bete-Sure.

46. Kalebe o ne a ena le mosadi wa lefielo ya bitswang Efa, mme a mo tswalla bara ba bararo, e leng Harane, le Mosa, le Gasese. Harane e ne e le ntata Gasese.

47. Bana ke bara ba Jahadai: Regeme, le Jotame, le Geshane, le Pelete, le Efa, le Shaafe.

48. Maaka, mosadi wa lefielo wa Kalebe, a tswala Shebere, le Tirehana.

49. A ba a tswala le Shaafe, ya ileng a thea Mademana; a tswala le Shefa, ya ileng a thea Makebena, le Gibea. Moradi wa Kalebe e ne e le Akasa.

1 Diketsahalo 2