1 Diketsahalo 2:32-46 BIBELE (SSO89SO)

32. Bana ke bara ba Jada, ngwanabo Shamai: Jetere le Jonathane. Jetere a shwa a se na bana.

33. Bara ba Jonathane ke Pelete le Sasa. Bana kaofela ke bona ditloholo tsa Jerahemeele.

34. Sheshane o ne a se na bara, a ena le baradi feela. O ne a ena le mohlanka wa Moegepeta ya bitswang Jareha.

35. Sheshane a nea mohlanka eo wa hae, Jareha, moradi wa hae, mme moradi eo a mo tswalla Atai.

36. Atai a tswala Nathane, Nathane a tswala Sabada,

37. Sabada a tswala Efalale, Efalale a tswala Obede.

38. Obede a tswala Jehu, mme Jehu a tswala Asariya.

39. Asariya a tswala Helese, Helese a tswala Eleasa,

40. Eleasa a tswala Sisemai, Sisemai a tswala Shalome,

41. Shalome a tswala Jekamia, Jekamia a tswala Eleshama.

42. Bana ke bara ba Kalebe, ngwanabo Jerahemeele: Mesha, e leng letsibolo la hae, a tswala Sife, Sife a tswala Maresha, Maresha a tswala Heborone.

43. Bara ba Heborone ke Kora, le Tapua, le Rekeme, le Shema.

44. Shema a tswala Rahama, Rahama a tswala Jorokowame. Regeme a tswala Shamai.

45. Mora wa Shamai e ne e le Maone, ya ileng a thea Bete-Sure.

46. Kalebe o ne a ena le mosadi wa lefielo ya bitswang Efa, mme a mo tswalla bara ba bararo, e leng Harane, le Mosa, le Gasese. Harane e ne e le ntata Gasese.

1 Diketsahalo 2