32. Bana ke bara ba Jada, ngwanabo Shamai: Jetere le Jonathane. Jetere a shwa a se na bana.
33. Bara ba Jonathane ke Pelete le Sasa. Bana kaofela ke bona ditloholo tsa Jerahemeele.
34. Sheshane o ne a se na bara, a ena le baradi feela. O ne a ena le mohlanka wa Moegepeta ya bitswang Jareha.
35. Sheshane a nea mohlanka eo wa hae, Jareha, moradi wa hae, mme moradi eo a mo tswalla Atai.
36. Atai a tswala Nathane, Nathane a tswala Sabada,
37. Sabada a tswala Efalale, Efalale a tswala Obede.
38. Obede a tswala Jehu, mme Jehu a tswala Asariya.
39. Asariya a tswala Helese, Helese a tswala Eleasa,
40. Eleasa a tswala Sisemai, Sisemai a tswala Shalome,
41. Shalome a tswala Jekamia, Jekamia a tswala Eleshama.