14. wa bone ke Netanele, wa bohlano ke Radai,
15. wa botshelela ke Oseme, wa bosupa ke Davida.
16. Dikgaitsedi tsa bona e ne e le Seruya le Abikaele. Bara ba Seruya ba ne ba le bararo, e le Abishai, le Joabe, le Asaele.
17. Abikaele a tswala Amasa, eo ntatae e neng e le Jetere wa Moishemaele.
18. Asuba a tswalla Kalebe, mora wa Heserone, moradi ya bitswang Jeriote. A mo tswalla le bara bana: Jeshere, le Shobabe, le Aradone.
19. Hoba Asuba a shwe, Kalebe a nyala Eferata, ya ileng a mo tswalla Hure.
20. Hure a tswala Uri, Uri a tswala Besalele.
21. Ha Heserone a ena le dilemo tse mashome a tsheletseng, a nyala moradi wa Makiri, ntata Gileade. Mosadi eo a mo tswalla mora ya bitswang Segube.
22. Segube a tswala Jaire, ya ileng a ba le metse e mashome a mabedi a metso e meraro naheng ya Gileade.
23. Gesure, le Arame ba hapa Metse ya Jaire, le Kenate le metsana ya yona. E ne e le metsana e mashome a tsheletseng. Bana bohle ke ditloholo tsa Makiri, ntata Gileade.
24. Hoba Heserone a shwe, Kalebe, mora wa hae, a kenela Eferata, mohatsa ntatae, mme eo a mo tswalla Ashehure, ya ileng a thea Tekowa.
25. Bana ke bara ba Jerahemeele, letsibolo la Heserone: Rama ke yena letsibolo, e nto ba Buna, le Orene, le Oseme, le Ahiya.
26. Jerahemeele o ne a ena le mosadi e mong ya bitswang Atara; Atara a tswala Oname.
27. Bara ba Rama, letsibolo la Jerahemeele, ke bana: Maase, le Jamine, le Ekere.
28. Bara ba Oname ke Shamai le Jada. Bara ba Shamai ke Nadabe le Abishure.
29. Lebitso la mosadi wa Abishure e ne e le Abihaele, ya ileng a mo tswalla Akabane, le Molede.
30. Bara ba Nadabe ke Selede, le Apaime. Selede a shwa a se na bana.
31. Apaime a tswala Ishi, Ishi a tswala Sheshane, Sheshane a tswala Akalai.
32. Bana ke bara ba Jada, ngwanabo Shamai: Jetere le Jonathane. Jetere a shwa a se na bana.
33. Bara ba Jonathane ke Pelete le Sasa. Bana kaofela ke bona ditloholo tsa Jerahemeele.