13. Mora wa Jese wa letsibolo ke Eliabe, wa bobedi ke Abinadabe, wa boraro ka Shima,
14. wa bone ke Netanele, wa bohlano ke Radai,
15. wa botshelela ke Oseme, wa bosupa ke Davida.
16. Dikgaitsedi tsa bona e ne e le Seruya le Abikaele. Bara ba Seruya ba ne ba le bararo, e le Abishai, le Joabe, le Asaele.
17. Abikaele a tswala Amasa, eo ntatae e neng e le Jetere wa Moishemaele.
18. Asuba a tswalla Kalebe, mora wa Heserone, moradi ya bitswang Jeriote. A mo tswalla le bara bana: Jeshere, le Shobabe, le Aradone.
19. Hoba Asuba a shwe, Kalebe a nyala Eferata, ya ileng a mo tswalla Hure.
20. Hure a tswala Uri, Uri a tswala Besalele.
21. Ha Heserone a ena le dilemo tse mashome a tsheletseng, a nyala moradi wa Makiri, ntata Gileade. Mosadi eo a mo tswalla mora ya bitswang Segube.
22. Segube a tswala Jaire, ya ileng a ba le metse e mashome a mabedi a metso e meraro naheng ya Gileade.
23. Gesure, le Arame ba hapa Metse ya Jaire, le Kenate le metsana ya yona. E ne e le metsana e mashome a tsheletseng. Bana bohle ke ditloholo tsa Makiri, ntata Gileade.
24. Hoba Heserone a shwe, Kalebe, mora wa hae, a kenela Eferata, mohatsa ntatae, mme eo a mo tswalla Ashehure, ya ileng a thea Tekowa.
25. Bana ke bara ba Jerahemeele, letsibolo la Heserone: Rama ke yena letsibolo, e nto ba Buna, le Orene, le Oseme, le Ahiya.
26. Jerahemeele o ne a ena le mosadi e mong ya bitswang Atara; Atara a tswala Oname.