1. Bana ke bara ba Iseraele: Rubene, le Simeone, le Levi, le Juda, le Isakare, le Sebulone,
2. le Dane, le Josefa, le Benjamine, le Nafthali, le Gade, le Ashere.
3. Bana ke bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela. Bana ba bararo o ile a ba tswallwa ke moradi wa Shua wa Mokanana. Ere, letsibolo la hae, o ne a le kgopo mahlong a Morena, mme Morena a mmolaya.
4. Tamare, ngwetsi ya Juda, a tswalla Juda Perese le Sera. Kaofela bara ba Juda ba ne ba le bahlano.
5. Bara ba Perese ke Heserone, le Hamule.
6. Bara ba Sera ke Simeri, le Etane, le Hemane, le Kalekole, le Dara. Kaofela ba ne ba le bahlano.
7. Bara ba Karimi ke Akare, ya ileng a kenya Baiseraele tshotso dinaleng, ka ho inkela dintho tse rohakehileng.