1. Bana ke bara ba Iseraele: Rubene, le Simeone, le Levi, le Juda, le Isakare, le Sebulone,
2. le Dane, le Josefa, le Benjamine, le Nafthali, le Gade, le Ashere.
3. Bana ke bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela. Bana ba bararo o ile a ba tswallwa ke moradi wa Shua wa Mokanana. Ere, letsibolo la hae, o ne a le kgopo mahlong a Morena, mme Morena a mmolaya.
4. Tamare, ngwetsi ya Juda, a tswalla Juda Perese le Sera. Kaofela bara ba Juda ba ne ba le bahlano.
5. Bara ba Perese ke Heserone, le Hamule.
6. Bara ba Sera ke Simeri, le Etane, le Hemane, le Kalekole, le Dara. Kaofela ba ne ba le bahlano.
7. Bara ba Karimi ke Akare, ya ileng a kenya Baiseraele tshotso dinaleng, ka ho inkela dintho tse rohakehileng.
8. Mora wa Etane ke Asariya.
9. Heserone a tswallwa bara bana: Jerahemeele, le Rama, le Kalebe.
10. Rama a tswala Aminadabe, Aminadabe a tswala Naheshone, e leng yena kgosana ya bana ba Juda.
11. Naheshone a tswala Salemone, Salemone a tswala Boase.
12. Boase a tswala Obede, Obede a tswala Jese.
13. Mora wa Jese wa letsibolo ke Eliabe, wa bobedi ke Abinadabe, wa boraro ka Shima,
14. wa bone ke Netanele, wa bohlano ke Radai,
15. wa botshelela ke Oseme, wa bosupa ke Davida.
16. Dikgaitsedi tsa bona e ne e le Seruya le Abikaele. Bara ba Seruya ba ne ba le bararo, e le Abishai, le Joabe, le Asaele.
17. Abikaele a tswala Amasa, eo ntatae e neng e le Jetere wa Moishemaele.
18. Asuba a tswalla Kalebe, mora wa Heserone, moradi ya bitswang Jeriote. A mo tswalla le bara bana: Jeshere, le Shobabe, le Aradone.
19. Hoba Asuba a shwe, Kalebe a nyala Eferata, ya ileng a mo tswalla Hure.