8. Ha Davida a utlwa taba ena, a romela Joabe le lebotho lohle la bahlabani.
9. Baamone ba tswa, ba thea theko ya ntwa kapele ho kgoro ya motse. Dikgosi tse neng di tlile ho tla thusetsa, di ne di le naheng, di le ding.
10. Ha Joabe a bona hore ba direng ba mo hlahile kapele le kamorao, a kgetha mokgetho hara bahale bohle ba Baiseraele, a o emisa ka theko, wa thulana le Baarame.
11. Bahlabani ba bang bona a ba bea tlasa taolo ya ngwanabo, Abishai, le bona ba thea theko, ba thulana le Baamone.
12. Joabe a re: “Haeba Baarame ba ka nkimela, wena o tla nthusetsa; le nna, ke tla o thusetsa haeba Baamone ba ka o imela.
13. Tiisa matla, re lwane ka sebete, re lwanele setjhaba sa habo rona, le metse ya Modimo wa rona. Morena a ke a etse seo yena a bonang hore se lokile.”
14. Jwale Joabe le bahlabani ba neng ba ena le yena ba atamela thekong ya Baarame, mme ditheko tsa kopana. Baarame ba baleha.
15. Ha Baamone ba bona hore Baarame ba balehile, le bona ba baleha Abishai, ba ba ba ya kena motseng. Jwale Joabe a kgutlela Jerusalema.
16. Ha Baarame ba bona hore Baiseraele ba ba hlotse, ba roma maqosa hore a late Baarame ba neng ba le kamose wane ho Noka, mme ba tla ba eteletswe pele ke Shofake, molaodi wa mabotho a Hadade-Esere.
17. Hoba Davida a tsebiswe hona, a kgobokanya bahlabani bohle ba Baiseraele, a tshela Jorodane, mme a fihla ho Baarame, a thea theko ya ntwa. Ha a se a theile theko ya ntwa kapele ho Baarame, ba mo lwantsha.