1 Diketsahalo 19:16-19 BIBELE (SSO89SO)

16. Ha Baarame ba bona hore Baiseraele ba ba hlotse, ba roma maqosa hore a late Baarame ba neng ba le kamose wane ho Noka, mme ba tla ba eteletswe pele ke Shofake, molaodi wa mabotho a Hadade-Esere.

17. Hoba Davida a tsebiswe hona, a kgobokanya bahlabani bohle ba Baiseraele, a tshela Jorodane, mme a fihla ho Baarame, a thea theko ya ntwa. Ha a se a theile theko ya ntwa kapele ho Baarame, ba mo lwantsha.

18. Baarame ba baleha Baiseraele. Davida a bolaya Baarame ba dikete tse supileng ba palamang dikariki tsa ntwa, le banna ba ditaaso ba dikete tse mashome a mane. A bolaya le Shofake, molaodi wa mabotho a bona.

19. Ha bahlabani ba Hadade-Esere ba bona hore Baiseraele ba ba hlotse, ba etsa kgotso le Davida, ya eba bahlanka ba hae.Baarame ba se ke ba hlola ba thusetsa Baamone.

1 Diketsahalo 19