1 Diketsahalo 19:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Kamorao ho mona, Nahashe, kgosi ya Baamone, a shwa, mme mora wa hae a mo hlahlama.

2. Yaba Davida o re: “Hanune, mora wa Nahashe, ke tla mo etsetsa tse molemo, hobane ntatae le yena o ile a nketsetsa tse molemo.” Ka baka leo, Davida a roma maqosa a hae ho isetsa Hanune matshediso, ka baka la lefu la ntatae.Bahlanka ba Davida ba fihla naheng ya Baamone ho isetsa Hanune matshediso.

3. Empa mahosana a Baamone a re ho Hanune: “O bona eka Davida o tlotla ntatao, ha a rometse maqosa ho tla o tshedisa? Na bahlanka ba hae ha ba a tla ho wena moo ho tla hlahloba naha, le ho e hlwela, hore ba tle ba e hape?”

4. Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, o ba beola ditedu, o hahola diaparo tsa bona ka lehare, ho ya fihla dibonong, a nto re ba tsamaye.

5. Davida a tsebiswa kamoo banna bao ba entsweng kateng, mme a romela maqosa ho ya ba kgahlanyetsa, hobane banna bao ba ne ba hlabilwe ke dihlong haholo. Yaba kgosi Davida o re ho bona: “Dulang moo Jeriko ho fihlela ditedu tsa lona di hlomela, ebe jwale le a kgutla.”

6. Ha Baamone ba bona hore ba kgopisitse Davida, Hanune le Baamone ba romela silefera e boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mararo a metso e mene, ho ya hira dikariki tsa ntwa, le bahlabani ba dipere ba tswang Mesopotamia, le Maaka, le Soba.

1 Diketsahalo 19